SEBE SE QALILE HOKAE, KA MANG?

By Johny L. Mahao

Motho e mong le e mong ea phelang lefats’eng, ekaba ea lumelang ho Molimo kapa ea sa lumeleng ho eena, o khathatsoa ke ntho e le ‘ngoe feela; “ekaba bobe boo bo tletseng lefats’eng bo tsoa hokae?”. Ke lipolaeano, bokulo, tlala le maqakabetsi ao re a bonang. E, motho oa ipotsa, “hantle ho senyehile hokae”?

Bibele ke eona feela e nang le karabo kantle ho qea-qeo mabapi le potso ena.

 

SEBE SE QALILE KA LENGELOI LE NENG LE BITSOA LUSIFERA/MPHATLALATSANE

LEHOLIMONG

 “U no u le Edene, ts’ímong ea Molimo, u no u apesitsoe ka mahakoe ‘ohle a mefuta… Ha hao, ho no ho lokisitsoe tsébetso ea meropa le ea liphala, ha e sa le u hlaha. U no u le kerubime e lipheo tse otlolohileng… U ‘nile ua tsamaea ka metsamao e phethehileng, ha e sa le u hlaha, ho fihlela ha bokhopo bo fumanoa ho uena”. (Ezekiele 28:13-15).

Mefuta ea mangeloi eo re e fumanang ka Bibeleng ke Lirafime le Likerubime. Lirafime li na le mapheo a tséletseng. (Sheba Esaia 6:2). Ha Likerubime tsona li na le mapheo a mabeli (1 Marena 8:7), ebile e le mofuta oa mangeloi o haufi haholo le ntate Molimo. “Davida a tloha, a e-na le sechaba sohle see a nang le sona, a ea Baale-Juda, ho lata areka ea Molimo teng, eo lebitso la Jehova oa makhotla ea lutseng pakeng tsa likerubime le bitsoang ho eona.” (2 Samuele 6:2).

Lusifera e ne le lengeloi le apereng botle, le tsebang ho bina, ebile e le moetapele oa mangeloi a leholimo. Ka mabaka ana, eaba le se le batla ho khumameloa ke mangeloi a mang. “Pelo ea hao e ne e ikhohomositse ka botle ba hao, u no u bolisitse bohlale ba hao ka baka la bokhabane ba hao…” (Ezekiele 28:17).

 

NTOA EA EBA TENG LEHOLIMONG KA BAKA LA SEBE SA SATANE

 Lebitso la Lusifera le ile la fetoloa kamora sebe sa hae, eaba o se a bitsoa SATANE. Satane o ile a atleha ho susumetsa karolo e ‘ngoe ea mangeloi hore e kene borabeleng khahlanong le molao oa ntate Molimo (Esaia 14:12-14). Sena eaba se ritela ntoa leholimong, kaha maikutlo a neng a se a rena a ne a se a le mabeli; botle le bobe. “Joale ntoa ea e-ba teng leholimong, Mikaele (Kreste) le mangeloi a hae a loantsá drakone. Drakone ea loana, e e-na le mangeloi a eona. Empa ha ba ka ba hlola, ‘me ha ba ka ba hlola ba e-na le litulo leholimong”. (Ts’enolo 12:7-8).

Ntoa ena e ne e se ea lisabole kapa likoakoa, e ne e le ntoa ea maikutlo a sa lumellaneng. Qetellong, Satane le mangeloi a hae ba liheloa mona lefats’eng, kaha leholimong ha ho rene bokhopo le sebe. “’Me drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatsé kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatséng, le mangeloi a eona. Thabang ke hona, maholimo, le lona ba ahileng teng. Ho malimabe lona ba ahileng lefatséng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le e kae”. (Ts’enolo 12:9, 12).

Motsoalle, ana u ne u tseba hore u tlokotsing ka lebaka la Satane? “Aparang lihlomo tsohle tsa Molimo, le tle le tsebe ho hlōla lihlōhō tsohle tsa Diabolose. Hobane ntoa ea rōna ha e loane le nama le mali, empa e loana le baholo, le mebuso, le marena a lefifi la lefatše lena, le meea e bolotsana e sebakeng sa leholimo.” (Ba-efese 6:11-12)

 

NTOA E NTSE TSOELA PELE LE HONA TJENA

Kaha Satane ha a sa na monyetla oa ho loants’a Jesu ka kotloloho, o se a loants’a Jesu ka ho etsa

hore thaka tsa leihlo la hae, eleng ‘na le uena, re oele sebeng. “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a lika-lika joalo ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang”. (1 Peterose 5:8).

Ka hona, u lokela ho inehela ho Kreste. “Ka baka leo, ipeeng ka tlase ho Molimo, le hanele Diabolose, ‘me o tla le balehela. Atamelang Molimo, ‘me o tla le atamela. Baetsalibe, hatlelang, ‘me lona ba pelo li peli, hlatsoang lipelo tsa lona”. (Jakobo 4:7-8). “Eaba Jesu o re ho barutuoa ba hae: ekare ha motho a rata ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, ‘me a ntsále morao. (Matheu 16:24, sheba le (Ba-khalata 5:16-25). U lule u rapela; “Se phetseng ho rapela” (1 Thesalonika 5:17), hape u bale lentsoe la Molimo; “…Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela le ka polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo”. (Matheu 4:4, sheba le Esaia 34:16).

 

MAFU, LIPOLAEANO LE LITLALA KE LITLA-MORAO TSA SEBE

Lefu le teng ka lebaka la sebe; “Hobane moputso oa sebe ke lefu” (Ba-Roma 6:23). Pele ho sebe, lintho tsohle tseo Molimo o li hlolileng li ne li le ntle, li se na leha e le sekoli. “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo”. (Genese 1:31).

Tseba hee ngoaneso hore motso oa bobe bohle bo teng koano lefats’eng ke Satane. “Ea etsang sebe ke oa Diabolose; hobane Diabolose o etsa sebe e sa le ho qaleng. Lebaka leo Morá motho a hlahileng ka lona, ke hore a felise mesebetsi ea Diabolose”. (1 Johanne 3:8). E, ho joalo; hopola hore o liehetsoe mona lefats’eng, ‘me o tletse khalefo kahobane a tseba hoba nako ea hae ea ho phela e se e-tla fela haufinyane. Khalefo ea hae, o e nts’a ka ho tlisa maqakabetsi le bosula mona lefats’eng.

 

HOBANENG MOLIMO O SA FELISA SATANE HANG?

Mohlomong, u ntse u ipotsa hore na hobaneng Molimo O sa ka Oa ripitla Diabolose hang ha sebe se fumanoa ho eena. Nahana feela na mangeloi a leholimo, a neng a so ka a bona le ho utloisisa litlamorao le litholoana tsa sebe, na a ne a tla nka Molimo ka tsela e joang. Ruri, ka mora hore Molimo a bolaee Diabolose hang feela ka mora boteketoa ba hae, mangeloi a setseng a ne a tla khumamela le ho sebeletsa Molimo ka tsábo eseng ka lerato.

Molimo o fane ka bolokolohi ba khetho, e le hore bohle ba khethang ho mo sebeletsa, ba mo sebeletse ka lerato le bolokolohi. “Kajeno, ke bitsa leholimo le lefatsé hore e be lipaki ho lona. Ke beile pelá hao bophelo le lefu, lehlohonolo le thohako. Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao”. (Deuteronoma 30:19).

 

KAKARETSO: SEPHEO SA MOLIMO KA MOTHO

Motsoalle, falimeha ke hona, u lule u le chalimong hobane morero oa Satane ke hore u ee le eena mollong oo Molimo a mo lokiselitseng oona; “Joale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letséhali: Tlohang ho ‘na, lona ba rohakiloeng, le ee mollong o sa feleng, o lokiselitsoeng Diabolose le mangeloi a hae”. (Matheu 25:41). Empa Morena Jesu eena o batla ho u fa Bophelo bo sa feleng. “Hobane Molimo o romile Mora oa oona lefatséng, e seng hore a ahlole lefatsé, empa e le hore lefatsé le bolokoe ke eena”. (Johanne 3:17, sheba le Matheu 11:28-30).

 Sepheo sa Jesu Kreste ke ho u sitsa ka bophelo bo tletseng ka khalalelo, lerato, monyaka le khumamelo! Ruri, u ka bo fumana ha u ka inehela ho ntate Eena tsatsing lena. Ekaba ho sa saletse eng na!!

Access to a PDF: Qaleho ea sebe

0 replies

Leave a Reply

Want to join the discussion?
Feel free to contribute!

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *