Leano la Molimo la ho lopolla motho sebeng!

By: Johnny Mahao

Molimo ha O so phethetse mosebetsi oa tlholeho eaba “…oa bona tsohle tseo o li e ntseng hoba li molemo haholo”. (Genese 1:31). Hona ho bolela hore ha lefats’e lena le tsoa liatleng tsa Molimo, le ne le phethehile, le se na sepha kapa sona sekoli; ke hore, le sebe se le sieo.

 Molimo O laela Adama le Efa

Kamora ho bopa Adama le Efa, “Eaba Jehova Molimo o nka motho, a ‘mea ts’imong ea Edene, ho e lema le ho e lebela. Jehova Molimo a laela motho, a re: Ha e le lifate tsohle tsa ts’imo, u tla li ja; empa ha e le sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa”. (Genese 2:15-17). Hona ho bolela hore Molimo O bopile Adama le Efa e le libopuoa tse ke keng tsa angoa ke lefu, ha feela ba ke ke ba ja sefate sa tsebo ea botle le bobe. E le hore, ka ho ja sefate sena e ne e tla ba ba e ntse sebe, e leng “ho tlola molao”. (1 Johanne 3:4).

Motho o tlola molao oa Molimo

Na ba qetelletse ba jele sefate see? “Noha e ne feta ka bohlale liphoofolo tsohle tsa naha, tseo Jehova a li entseng; ‘me ea re ho mosali: A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa ts’imo na? Mosali a re ho noha; Re ka ja litholoana tsa lifate tse ts’imong; empa ha e le litholoana tsa sefate se hara ts’imo, Molimo o itse: Le se ke la li ja, ‘me le se ke la li ama, hore le tle le se ke la shoa. Noha ea fetola mosali, ea re: ha e le ho shoa le ke ke la shoa”. (Genese 3:1-4). Diabolose, “noha ea khale…e thetsang lefats’e kaofela” (Ts’enolo 12:9), ea re motho a ke ke a shoa ha a ja sefate sena. Na o na bua ‘nete ha a re ba ke ke ba shoa? Che! Molimo O no totobalitse hore ba tla shoa mohla ba se jang. Joale hoa qaleha nyaka-nyaka; motho o mamela lentsoe la Molimo kapa la Diabolose?

“Mosali eitse ha a bona hobane sefate se monate ho jeoa, ‘me se khahlisa mahlo, ‘me se lakatseha ke ho hlalefisa, a nka litholoana tsa sona, a li ja,’me a nea monna oa hae ea neng a na le eena, ‘me le eena a ja”. (Genese 3:6). Hang ka mora ho tlola molao oa Molimo, eaba motho o fetoha mohlanka oa Diabolose; Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utloa, le bahlanka ba eo le mo utloang”. (Ba-Roma 6:16). ‘Nete ke hore, ketso ea bona ea ho mamela le ho phetha seo Noha e neng e se bolela, e ne e bonts’a hantle hore ba lumella Diabolose ho ba molaoli le ‘musi oa maphelo a bona. “…hobane seo motho a hloloang ke sona, o fetoha mofo oa sona…” (2 Peterose 2:19).

Bora bo tebileng ba nka sebaka ho motho khahlanong le Molimo, ‘me hona ho iponahalitse ka hore Adama a ipatele Molimo ha a tlo kopana le eena mantsibua, ts’imong ea Edene. “Eaba Jehova Molimo o bitsa Adama, a re ho eena: U hokae na? Adama a re: ke utloile lentsoe la hao ts’imong, ‘me ke ts’abile, kahobane ke feela, ‘me ke ipatile” (Genese 3:9-10).

Joale ha motho a se a thehile setsoalle sa popota le sera sa Molimo, a bile a se a tobane le lefu ka ho tlola molao oa Molimo ekaba ts’epo ea hae ke e feng na?

 Tharollo ea moshoelella

Molimo oa re ho Satane, “ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ‘me u tla e loma serethe” (Genese 3:15). Hona hee, ke tharollo e senang thaka! Hoja Molimo ha Oa ka oa beha hloeano ena lipakeng tsa Diabolose le motho, Adama le Efa (ho kenyelletsa le litloholo tsa bona) ba ka be ba kene morerong o le mong le Satane – e leng morero oa ho loants’a leholimo. Mona re bona moo Molimo O phuthullang mohau Oa Ona ka botlalo. E ne e le ha motho a qala ho phela tlasa mohau joale. Ho tloaelehile hore motho o phetse tlasa mohau oa Molimo ho tloha ha Jesu a ne a thakhisoa sefapanong. Che! Mohau oa Molimo o bonahetse hang ha sebe se ba teng, ‘me Kreste o shoele lilemo tse ka bang tse likete tse ‘ne kamora hore motho a oele sebeng.

Eaba Molimo kamora ho beha hloeano, “A etsetsa Adama le mosali oa hae likobo tsa matlalo, ‘me a ba apesa tsona” (Genese 3:21). Likobo tsee tsa matlalo li ne li tsoa hokae? Ha ho potang hore mali a phoofolo a ile a lokela ho ts’olloa e le ho etsetsa sebe sa Adama le Efa pheko. “…’me mali ha a sa ts’olohe, ha ho teselo ea libe” (Ba-Heberu 9:22). E, ho joalo! Hantle konyana e ileng ea hlajoa tsímong ea Edene e ne e supa konyana e neng e tla hlajoa bakeng sa libe tsohle tsa lefats’e mengoaha e neng e tla hlahlama. Ke ka hoo Johanne Mokolobetsi ha a talima Jesu a ileng a re, “Bonang, ke Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefats’e” (Johanne 1:29).

Moratuoa, ana u ne u tseba hore lebaka la matlha leo Adama le Efa ba sa kang ba shoa hang kamora ho etsa sebe ke hobane Molimo O no so ntso e ntse leano la ho lopolla motho ha a ka oela sebeng? “le ntse le tseba hobane, ha se ka tse bolang, ha se ka silefera le ka khauta le lopolotsoeng mokhoeng oa lona oa lefeela…empa e le ka mali a bohlokoa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekoli; ea neng a reroe lefats’e le e-so ho theoe” (1 Peterose 1:18-20). E le hore, le pele Molimo a ka etsa maholimo le lefats’e, morero le qeto ea hore Kreste Jesu o tla shoela motho ha a ka etsa sebe, o ne o se o ntse o le teng. Taba ena Molimo o la hla e qeta khale hore Mopholosi o tla theoha leholimong, a tlo shoela motho. Tsela ea sefapano Molimo o e kutlile le pele Adama a e-ba teng.

Ruri, lerato la Molimo ho motho le hlolla pelo ea ngoan’a motho!

Ho shoa hoa Kreste Kh’alefari, e ne e le phethahatso ea morero oa topollo o bileng teng le pele lefats’e le theoa. Ma-Iseraele ha a ne a hlaba likonyana bakeng sa tefelo ea libe tsa bona, e ne e le ho bonts’a tumelo ho Mopholosi ea neng a tla ba shoela sefapanong ha linako li phethehile (Sheba Ba-Khalata 4:4). “Hobane mali a lipoho le a liphooko a sitoa ruri ho tlosa libe” (Ba-Heberu 10:4). Na rona re ntse re lokela ho hlaba likonyana bakeng sa ts’oarelo ea libe tsa rona? Che! “hobane Paseka ea rona, e leng Kreste, e hlabetsoe rona” (1 Ba-Korinthe 5:7). Johanne hape o re fa ts’epo ea hore “Ha re ipolela libe tsa rona, Molimo oa ts’epeha, o lokile, hore o re ts’oarele libe, ‘me o re hlatsoe bokhopo bohle” (1 Johanne 1:9). Hantle boipolelo bona bo tla kamora hore motho a soabele sebe sa hae, e be joale o atamela ho Molimo ka thapelo ho ikopela ts’oarelo. ‘Me Bibele e totobatsa hantle hore ha ho motho eo re lokelang ho mo etsa ‘muelli oa rona ho Molimo, ha e se Jesu. “Hobane Molimo o mong feela, le ‘Muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste” (1 Timothea 2:5).

Bophelo bona boo Molimo O u fang bona ka Jesu e ka khona u bo nke ka ho lahla libe tsohle tsa hau, ho ikokobetsa kapela sefahleho sa hae le ho lumela ho topollo eo Jesu a faneng ka eona sefapanong sa hae. “Hobane Molimo o ratile lefats’e hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ‘nots’i; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng” (Johanne 3:16). “Molimo ha a liehise lipallo tsa hae, joalo ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong” (2 Peterose 2:9). Baka, u sokolohe u tsebe ho fumana bophelo bo sa feleng ka Jesu Kreste!

 

PDF download: Leano la topollo

0 replies

Leave a Reply

Want to join the discussion?
Feel free to contribute!

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *